Seo re leng sona le seo re se etsang

Bolaodi ba Dipuo ba NWU bo ikgantsha ka ho kenya tshebetsong Leano la Puo la NWU, le ntshetsang pele botemengata, ka ditshebeletso tse fapaneng tsa dipuo le diketsahalo tsa ho lemosa ka puo. Bolaodi bo hahamalla ho theha tikoloho ya dipuo tse ngata eo ho yona dipuo tse nne tsa semmuso tsa NWU (Afrikanse, Senyesemane, Setswana, le Sesotho) di bang le lehae.

Ditshebeletso tsa rona tsa botsebi di kenyeletsa botoloko (bo kopantsweng, ka marangrang, le ho kopana), bofetoledi, phetolelo ya puo ho ya mongolong, le kgatiso ya modumo wa mantswe.

Re motlotlo hore re bile karolo ya projeke ya BAQONDE ya matjhaba. Diketsahalo tse kang Dibeke tsa Temoso ya Puo, Kholokhiamo ya Puo le Polokelo, ha se tsa rona feela. Ke tsa lona, ditho tsa bohlokwa. Di re thusa ho keteka dipuo le ditso tsa rona tse fapaneng, ke polatefomo bakeng sa ho arolelana tsebo le boiphihlelo, ke bopaki ba boitlamo ba rona ba ho kenyeletsa bohle le setjhaba.

Ka tshebedisano le tshwarano ya ka hare ho setheo, ya botjhaba, le ya matjhaba, re betla tsela ya ho fana ka botemengata ho ditho tsa NWU.

 

 (DILINKI TSE TOBETSEHANG di o nka o le moeti di o lebise ditlhalosong tse kgutshwanyane)

Botoloko

Bofetoledi

Phetolelo ya puo ho ya mongolong

Kgatiso ya modumo wa mantswe

 

 

International Translation Day

International Translation Day